|
Geva F Series (Lethathama la Geva F)
Lethathama la Geva F le ka hlaloswa hantle haholo jwalo ka makgonatsohle wa phepo ya Advanced Nutritional Food Formula e leng dijo tse maemong a phahameng tse loketseng lelapa kaofela mmoho le batho bohle ba dilemo ka ho fapana.
Ho keramo ka nngwe, Geva F Series e fupere kopanelo e matla ya diahammele tse so ka di bonwa haesale mehloding le efe ya dijo kaofela, ka divithamine tsa mefutafuta tse kopantsweng ka tekatekano e phethahetseng, moo ho leng teng di-amino acids tsohle tse robedi tsa bohlokwa, tse 10 tsa tse 12 tsa di-amino acids ho tse sa hlokahaleng, chlorophyll, di-enzyme, di-anti-oxidant/ Omega 3, Omega 6, di-Phytonutrient, diminerale le metheo e menyane (trace elements).
Geva F Series e mefuta e mmedi:
Mokgwa wa Bophelo o Fanang ka Bophelo (Healthy Lifestyle) le Batho ba nang le Tshireletso ya Mmele e Tletlebisang (Immune Compromised Individuals)
Geva F Series e thuhuwe dithutong tsa bophelo tse ileng tsa tshwarwa lefatsheng ka bophara mabapi le taolo ya micro algae (bolele bo bonyane) mme ya botjwa ka tshwanelo. Selemong sa 1974 Matjhaba a Kopaneng a ile a hlokomedisa hore “Micro algae (bolele bo bonyane) ke wona mofuta o amohelehileng wa dijo tse loketseng batho.”
Ho botjwa ha Geva F Series
Geva F Series ke phepo ya Advanced Nutritional Food Formula e thehuweng ka mabele mme ya matlafatswa ka micro algae ya boemo ba batho e kotutsweng ditlhophisetsong tsa Geva.
Ditswaki
Mabele, Micro Algae, Tswekere, Letswai, Difani tsa Mmala tsa Tlhaho le Dilatswisi.
Geva F Series ke sehlahiswa sa tlhaho se sa kenyeletseng ditswaki tsa GM.
Ho lokiswa
Geva F Series ha e hloke ho phehwa. Ke sejo sa hanghang ebile se a latsweha. Latela feela dikgothaletso tsa tshebediso tsa ka mehla, o sebedisa kgaba e kentsweng ka paketheng e nngwe le e nngwe, tshela lebese kapa, lero la ditholwana lefe kapa lefe leo o le ratang kapa metsi a hlwekileng.
Melemo ya bophelo
- Sephetho se setle ho batho ba nang le boitshireletso ba mmele bo tletlebisang
- E etsa tekatekano ya ho sebediswa ha dijo ke mmele
- E aha lactobacillus e phetseng
- E fokotsa kholesterole
- E hodisa matla le mokoka
- E etsa tshepe ya tsa bophelo e fumanehe mme e lokise anaemia
- E hlapolla sebete
- E fedisa ho se fepehe
- E laola tsamaiso ya boitshireletso ba mmele
- E na le beta carotene ya tlhaho; e na le matla a ho lwantsha mofetshe
- E fana ka diphetho tse ntle tsa kgatello ya madi
- E fokotsa diphetho tsa kalafo ka mahlasedi a radiation
- E fokotsa ho tjhefeha ha diphio ke mercury le meriana
- E na le matla a ho fodisa maqeba
Etsa hore dijo tsa hao e be moriana wa hao
Sireletsa tsamaiso ya hao ya boitshireletso ba mmele
Hodisa bophahamo ba matla a hao
Ho bobebe ho e lokisa
Eketsa feela, lebese, lero lefe kapa lefe la ditholwana kapa metsi a hlwekileng, kgaba e kenyeleditswe.
Dijo tsa Hanghang – Di se di phehuwe mme di latsweha haholo.
|